Haele ba latolang har’a Batho ba Lengolo le har`a ba hedene, ba ne ba ke ke ba sokoloha ho fihlela sesupo se hlakileng se finyeletse ho bona
Sa moromuoa ea tsoang ho Allah, ea balang maqephe a hloekileng
A jereng melao e nepahetseng, e topileng
Batho ba Lengolo ba ne ba ke ke ba arohana ho fihlela kamor’a hoba sesupo se hlakileng se finyelle ho bona
Ba ne ba laetsoe ho sebeletsa Allah le ho boloka tumelo ea bona e hloekile malebana le Eena, e be batho ba topileng ka tlholeho le hona ho phethahatsa lithapelo le ho fana ka linyehelo. Seo ke tumelo ea ‘nete
Haele ba latolang har’a batho ba Lengolo le har`a bahedene, ba tla eba mollong-oa-lihele ho phela teng. Ke libopuoa tse nyonts’ang
Bohle ba-kholoang, ba etsa liketso tse lokileng, – bona ke libopuoa tse molemo
Moputso oa bona o ho Allah: lirapa tsa Edene, tseo linoka li phallang tlas’a tsona, ba tla phela teng kahosafeleng. Allah U tla nyakalla ke bona le bona ba tla nyakalla ke Eena. Tsena li molemong oa ba ts’abang Mong`a bona