93.The Morning Hours

  1. Ka khalalelo ea khanya ea mats`a
  2. Le ka bosiu nakong eo bo es’ong ho se ts’ekhe
  3. Hore Mong`a hau ha A es’o u lahle kherehloa le hona ho u hloea
  4. Bophelo Bo-tlang bo tla ba molemo ho uena ho feta ba lefats’e
  5. Mong`a hau U tla u neha tsohle tse molemo hore u tle u khotsofale
  6. Na ha se eena ea u fumaneng u le khutsana, a u lopolla
  7. Na ha se Eena Ea u fumaneng u ntse u phaqola, A u tataisa
  8. Na ha se Eena Ea u fumaneng u hloka letho, A u ruisa
  9. Ka lebaka leo, u se hatelle khutsana
  10. Le hona ho leleka mokopi
  11. U phatlalatse nala ea Mong`a hau