92.The Night

  1. Ha ho shoalana
  2. Le ha letsatsi le chaba
  3. Le ka Ea hlotseng monna le mosali
  4. Ruri! Liketso tsa hau li fapane
  5. Haele ea fanang le ho ts`aba Allah
  6. Le ho lumela ho se lokileng
  7. Re tla ba nolofaletsa tsela e lebisang boemong bo nepahetseng
  8. Empa ea khoaelang le ho inahana e le maikhona
  9. A latola se lokileng
  10. Re tla nolofatsa tsela e mo lebisang bothateng
  11. A maruo a hae a ka mo pholosa nakong eo a timelang
  12. Ruri! Ts’ebetso ea Rona ke ho fana ka tataiso
  13. Hobane Ruri! Qalo le qetello kea Rona
  14. Ke le lemositse ka lelakabe la mollo
  15. Ha ho ea tla cha teng ntle feela le ea qoetseng sebeng
  16. Ba latotseng le hona ho kheloha
  17. Haele ba lokileng ba tla o qoba
  18. Ba fanang ka leruo la bona hore ba tle ba hloeke moeeng
  19. Likelellong ba sa lebella molemo oa moputso ho tla ho bona
  20. Empa e le hona ho tsomana le sefahleho sa Mong`a bona Ea Phahameng ka ho fetisisa
  21. Haufinyana ba tla fumana khotsofalo