90.The City

  1. Ke hlapanya ka motse-moholo ona (Makka) –
  2. Le uena u molokolohi oa motse-moholo ona –
  3. U motsoali le ngoana
  4. Ruri! Re hlotse motho hore a sebetse a fufuleloe
  5. Ha a nahane hore ha ho ope ea nang le matla holima hae
  6. Mohlomong a ka re: “Ke harintse leruo le leholohali!”
  7. Ha a nahane hore ha ho ope ea ‘monang
  8. Na ha se Rona ba mo sitsitseng ka mahlo a mabeli
  9. Le leleme le lipounama tse peli
  10. Le ho `montsa litsela tse peli
  11. Empa ha a potlakela tseleng e moepa –
  12. Ke`ng se tla le hlakisetsa na tsela e moepa ke`ng? –
  13. Ho neha lekhabunyane bolokolohi
  14. Kapa ho fana ka lijo matsatsing a tlala
  15. Ho khutsana ea leloko la hau
  16. Kapa ho mofutsana ea tlaleng ea boja-likata
  17. Ka hona a tlaba har’a ba-kholoang, a khothaletsa ho ba le mamello le ho khothaletsa ho ba mosa le kutloelo bohloko
  18. Bao ke balekane ba tla ba letsohong la molema
  19. Empa haele ba latolang Lits’upo tsa Rona, ke balekane ba letsoho la ntsohohlo
  20. Mollo e tla ba sekhele sa bona