89.The Dawn

  1. Ka meso
  2. Le ka masiu a leshome
  3. Le ka libopuoa tsohle tsa Allah
  4. Le ka bosiu ha bo esa
  5. Holim’a lits’upiso tsena ho teng bopaki ho ba utloisisang
  6. Na ha u elelloe kamoo Mong`a hau A ileng A sebetsa kateng ka morabe oa Ba-Ad
  7. Ba motse oa Iram, ka lits’ia tse phahameng
  8. Bao ho es’ong ho be le tlholeho e ts’oanang le’a bona lefats’eng
  9. Joaloka morabe oa Ba – Thamude o ileng oa betla majoe kahar’a phula
  10. Le Faro, Morena oa Lipalo
  11. Bao kaofela ha bona ebileng batloli ba meeli eohle holim’a lefats’e
  12. Le hona ho fehla lehloeo kahar’a tsona
  13. Mong`a hau U ile A ts’ollela sekhobo sa kahlolo ea Hae holim’a bona
  14. Ruri! Ha ho se patehileng ho Mong`a hau
  15. Joaloka motho eo ereng ha Mong`a hae A mo leka ka ho mo neha hlompho, A bile A ba lereko malebana le eena, e be o re: “Mong`a ka U mphile hlompho.”
  16. Empa hang ha A mo neha teko ka ho khutsufatsa mekhoa ea bophelo ba hae, o re: “Mong`a ka U ntlontlolotse.”
  17. Che! Empa lona le hloloa ho hauhela khutsana
  18. Ha le khothaletsane phepo ea mafutsana
  19. Le ja mafa lekemekeme ka bonyollo bohle
  20. Le bile le rata leruo ka lerato le hlollang
  21. Che! mohla lefats’e le fetohang lehlohlojane le thumisehileng
  22. Mong`a hau A theoha le manyeloi a entse mekhahlelo ka mekhahlelo
  23. Le lihele li atametsoa haufinyane; Ruri! Ke mohla motho a tlang ho hopola, empa mohopolo oo o tla mo thusa kang
  24. Motho o tla re: “Ao! Hoja ke mpile ka etsa letsete molemong oa bophelo ba ka!”
  25. Ruri! O tla ahloloa ka kahlolo es’o kang e bonoa mohla letsatsi leo
  26. Ebile ha ho ea tlamang kamoo A tlamang kateng
  27. Ho tla thoe hoba lokileng: “Oho lona! Meea ea lona ha e ke e phomole ka khotso
  28. Khutlelang ho Mong`a lona le khotsofetse monyakeng o molemo oa Hae
  29. Kenang kahar’a makhabunyane a Ka
  30. Kahar’a serapa sa Ka!”