88.The Overwhelming

  1. Na nalane ea timelo e ile ea u fihlela
  2. Lifahleho tse ling li tla phoqeha mohla tsatsi leo
  3. Li be mats’oenyehong, li tepelle, –
  4. Li kene lelakabeng la Mollo
  5. Khabareng ba fuoe metsi, a belang ho noa, ho tsoa Selibeng se belang
  6. Ha ba na ho fumana lijo, haese litholoana tse babang
  7. Tse sa tlong ho aha ‘mele, kapa ho khorisa
  8. Lifahleho tse ling li tla nyakalla mohla oo
  9. Ke thabo ho latela ts’ebetso ea bona
  10. Serapeng se phahameng
  11. Moo ba ke keng ba utloa lipuo tse hlohlonts’ang litsebe
  12. Moo Seliba se kopotsang
  13. Moo Li-Terone tse phahameng li leng teng
  14. Mepotjoana e behiloeng
  15. Mesangoana e behiloeng ka mekhahlelo
  16. Le meseme e nonofetseng
  17. Ha ba bone kamoo likamele li hlotsoeng
  18. Kamoo leholimo le phahamisitsoeng
  19. Le kamoo lithaba li tsepamisitsoeng
  20. Le kamoo lefats’e le aliloeng
  21. Kahoo ba hlomekomelise, hobane u mohlokomelisi
  22. Ha u molebeli oa litaba tsa bona
  23. Empa ha mong a furalla, a latola Allah
  24. Allah u tla mo ahlola ka kotlo e boima
  25. Poelo ea bona e ho Rona
  26. Ho ho Rona, ho ba biletsa maikarabellong