87.The Most High

  1. Tlotlisa lebitso la Mohlokomeli-Mong`a hau, Ea Okametseng Tsohle
  2. Ea hlotseng, Ea faneng ka taelo
  3. Ea hlomathitseng melao, Ea fanang ka tataiso
  4. Ea hlahisang lekhulo
  5. Hamorao le fetohe lehlare
  6. Ka mekhahlelo Re u ruta ho bala, hore u se ke oa lebala
  7. Kantle ho thato ea Allah, hoba U tseba tse pepeneneng le tse sephiring
  8. Re tla nolofatsa tsela e u lebisang tseleng e otlolohileng
  9. Ka hona fana ka keletso, ha keletso e le molemo
  10. Keletso e tla amoheloa ke ba nang le ts’abo
  11. Empa e tla qobjoa ke ba malimabe
  12. Ba tlang ho kena Khanareng ea Mollo
  13. Oo kahara ona ba sa tlong ho shoa kapa ho phela
  14. Ba tla atleha ke ba itlhoekisang
  15. Ba rorisa lebitso la Mohlokomeli-Mong`a bona, ka thapelo
  16. Che, le khetha bophelo ba lefats’e lena
  17. Empa bophelo Bo-tlang bo molemo, ha bo fele
  18. Ka sena se har’a mangolo a mathomo, –
  19. Mangolo a Abrahama le Moshe