86.The Morning Star

  1. Ka leholimo le moeti oa bosiu
  2. Keng se tla le hlalosetsa hore na moeti oa bosiu keng
  3. Ke Naleli, e khanyang
  4. Ha ho phefomoloho e hlokang molebeli
  5. Motho ha a nahane seo a hlotsoeng ka sona
  6. O hlotsoe ka lerotholi la there –
  7. Le kollang lipakeng tsa mahalapa le likhopo
  8. Ruri Allah U na le matla a ho mo phelisa
  9. Letsatsi leo liphiri li tlang ho utolloa
  10. Motho ha a na ba le matla kapa mothusi
  11. Ka leholimo le fanang ka pula
  12. Le ka lefats’e le petsohang
  13. Ruri! Lena ke lentsoe le arolang botle le bobe
  14. Ha se ntho ea papali
  15. Haele bona, ba etsa morero
  16. Le ‘Na ke loha leano
  17. Kahoo fana ka nyehlisetso ho mahana-tumelo; u ba fe phomolo ha nakoana