85.The Constellations

  1. Ka leholimo le linaleli tse jeroeng ke lona
  2. Ka le Letsatsi le Ts’episitsoeng
  3. Ka ea pakang, le se pakoang
  4. Ho malimabe baepi ba mokoti
  5. Mollo o beseletsoang
  6. Bona! ba ne ba tjamme pel’a ona
  7. Ke lipaki ho tseo ba neng ba li etsa khahlanong le ba-kholoang
  8. Ba ba hlokofalitse kantle ho lebaka haese feela hore ba kholoa ho Allah, Ea Matla Oohle, U ts’oanetsoe ke Lithoriso tsohle
  9. Eo `Muso oa maholimo e leng oa Hae le lefats`e! Allah ke Paki ea lintho tsohle
  10. Haele ba hobosang ba-kholoang, banna le basali, ba sa retellehele ka boinyatso(ho Allah), ba tla fumana kahlolo ea Lihele: ba tla otloa ka mollo o tukang
  11. Ho ba-kholoang, ba etsang ketso tse lokileng, e tlaba lirapa tseo linoka li phallang tlasa tsona. Seo ke pholoho e babatsehang
  12. Ruri letsoho la Mong`a hau le matla
  13. Ke Eena Ea hlolang ho tloha mathomong, A boele A phete
  14. U ts’oarela ka mehla, U Tletse Lerato-le-Mohau
  15. Mong`a Terone e Tlotlehang
  16. Moetsi oa tsohle tseo A li rerang
  17. Na pale ea mabotho e fihlile ho uena
  18. A Faro le a Ba – Thamud
  19. Empa mahana-tumelo a lula a latola
  20. Empa Allah U ba kopetse ka morao
  21. Che! Sena ke Qur`an e tlotlehang
  22. E ngoliloeng letlapeng e babaletsoeng