84.The Splitting Open

  1. Mohla leholimo le qhashohang ka lehare
  2. Le thea-tsebe ho Mong`a lona. Le tlamehile
  3. Ha lefats’e le batalatsoa
  4. Le hlohlolla se ka hara lona, le sala le hlobotse
  5. Le thea-tsebe ho Mong`a lona, le tlamehile
  6. Oho motho! Ruri o khasetsa ho Mong`a hau, u khasa ka thata, – empa u tla kopana le Eena
  7. Haele ea tla fuoa tlaleho ea hae ka letsohong la molema
  8. U tla be a tlaleha bobe
  9. U tla retellehela ho ba habo, a thabile
  10. Empa ea fuoang tlaleho ea hae ka morao
  11. O tla llela timelo
  12. O tla kena lelakabeng la mollo
  13. Ruri! O phetse le beng ka eena, ka nyakallo
  14. Ruri! O ne a nahana hore ha a na khutlela ho Rona
  15. Che, che! Mong`a hae haesale a mo shalimme
  16. Kahoo ke hlapanya ka mahlaseli a letsatsi ha le hlahlamela litaba
  17. Bosiu le tseo bo-ikapesitseng ka tsona
  18. Le ka ngoeli, e tolokile
  19. Le tla tsamaea sebaka le sebaka
  20. Molato ke’ng ka bona haele moo ba hloka tumelo
  21. Ha ba balloa Qur`an, ba sa khumamele Allah
  22. Empa mahana-tumelo a latola
  23. Empa Allah u na le tsebo e phahametseng ka tseoba li patang
  24. Kahoo u ba tsebise ka kotlo e bohloko
  25. Kantle ho ba-kholoang, ba liketso tse lokileng; moputso oa bona oo ke keng oa thisa