29.The Spider

  1. Alif. Lam. Mim
  2. Na batho ba nahana hore ba tla lesoa feela ho ba baitse: “Re’a kholoa”, Ba keke ba lekoa
  3. Re ile Ra leka ba bileng teng pele ho lona. Ke kamoo Allah A tsebang ba ikokobetsang le ba ikaketsang
  4. Ebe ba etsang liketso tse fosahetseng ba nahana hore liketso tsa bona li ka ba molemo ho feta Rona? Se sebe ke qetello ea bona
  5. Athe haele mang, kapa mang ea tsitlallelang ho kopana le Allah, a tsebe hore Ruri! Pallo ea Allah e haufinyane, U Utloa Tsohle, U Tseba Tsohle
  6. Etsoe mang, kapa mang ea tsitlalletseng, ba etsa joalo molemong oa meea ea bona; hobane Allah ha A hloke letho ho libupuoa tsa Hae
  7. Bohle ba kholoang, ba etsa liketso tse lokileng, Re tla hlakola liketso tsa bona tse mpe, ebe Re ba putsa ka se molemo seo ba se entseng
  8. Re khothalelitse batho ho ba mosa ho batsoali ba bona; empa haeba ba ka tsitlallela ho o khothaletsa ho maneha e mong ho ‘na eo o se nang tsebo ka eena, o se ke oa ba mamela. Hobane poelo ea hau e ho ‘Na, ke tla o bolella seo le neng le tloaetse ho se etsa
  9. Haele ba kholoang, ba bile ba etsa liketso tse lokileng, Ruri! Re tla ba amohela har’a ba lokileng
  10. Ho teng har’a batho ba reng: “Re kholoa ho Allah”, Empa ha a thulana le bothata ts’ebeletsong ea Allah, o tsoelipanya khatello ea batho joaloka ha eka ke kotlo ea Allah; haeba u ka fumana tlholo e tsoang ho Mong`a hau, ba tla re: “Ruri! Re bile le uena nako ena eohle. Ana ha se Allah Ea hlokolosi ka ho fetisisa ka tseo tse ka har’a lifuba tsa libopuoa tsa Hae
  11. Ruri! Allah U tseba ka botlalo ba kholoang le Baikaketsi
  12. Mahana-tumelo ba re ho ba kholoang: “Latelang tsela ea rona ea tumelo, Ruri! Re tla jara libe tsa lona.” Ha ho seo ba ka se jarang libeng tsa bona. Hobane Ruri! ba leshano
  13. Empa ba tla jara mejaro ea bona le’a ba bang kathoko ho ea bona, ba bile ba tla botsoa mohla Letsatsi la Kahlolo ka lebaka la mashano a bona
  14. Re ile Ra romella Nooe, ho batho ba habo, o bile le bona ka lilemo tse makholo a robong le mashome a mahlano; empa ba ile ba khangoa ke moroallo oa metsi, ba lutse sebeng
  15. Re ile Ra mo pholosa le Balekane ba Areka, Ra etsa Areka Sesupo ho batho bohle
  16. Le Abrahama Re ile Ra mo pholosa: Bonang, a re ho batho ba habo: “Sebeletsang Allah, le ts’abe Eena feela; seo se molemo ho lona – hoja ebe lea utloisisa
  17. “Hobane le khumamela melingoana kantle ho Allah, e bile le qapa Leshano. Bohle bao le ba sebeletsang ntle ho Allah, ha ho phepo eo ba ka le nehang eona. Kahoo, kopang phepo ea lona ho Allah, mo sebeletseng le hona ho fana ka liteboho ho Eena, hobane poelo ea lona bohle e ho Eena
  18. Haeba le’a latola, lichaba li ‘nile tsa latola tse bileng teng pele ho lona, ts’ebetso ea moromuoa ke ho phatlalatsa molaetsa feela ka ho totobala.”
  19. Na ha ba bone kamoo Allah A hlahisang tlholeho kateng, joale e be U e pheta hape? Hobane Ruri! Seo se bobebe ho Allah
  20. E re: “Hahlaulang le lefats’e le tle le bone kamoo Allah A hlolang tlholeho kateng, le kamoo Allah a boetseng A tlang ho e pheta hape. Hobane Allah U na le matla holima lintho tsohle
  21. U ahlola eo A ikhethelang Eena, ebile U apesa ka mohau eo A khahloang ke Eena, poelo ea lona bohle e ho Eena
  22. Le ke ke la phonyoha ho Eena lefats’eng le leholimong, etsoe kathoko ho Allah ha le na motsoalle, kapa eena mothusi
  23. Haele ba latolang lits’enolo tsa Allah esita le eona kopano ea bona le Eena, – Ke bona bat la hloka ts’epo mohaung oa Ka. Ke bona ba tla oeloa ke Kahlolo e mahlonoko
  24. Empa karabo ea batho ba habo ebile feela hore ba re: “‘Molaeng kapa le mo chese.” Allah U ile a mo pholosa mollong oo. Ruri
  25. Eaba o re: “Le ikhethetse melingoana ntle ho Allah. Le lerato le teng lipakeng tsa lona ke la bophelo ba lefats’e lena feela. Mohla Letsatsi la Kahlolo le tla nyelisana, le ho rohakana ka bo-lona, lehae la lona e tla ba mollo, le ke ke la fumana ope ho le thusa.”
  26. Empa Lota o ne a lumela ho Eena: A re: “Ke tla siea lehae ka lebaka la Mong`a ka. Hobane Ruri! Ke Eena, Eena feela Ea Matla Oohle, Ea Seli.”
  27. Re ile Ra sitsa Abrahama ka Isaaka le Jakobo, le hona ho phethahatsa Boporofeta le Lengolo har’a litloholo tsa hae, Re bile Ra mo neha moputso oa hae lefats’eng lena, le ho bo-tlang ha ho tika-tiko, Ruri! O tla ba har’a ba lokileng
  28. Hopola Lota! Mohla a neng a re ho batho ba habo: “Ruri! Le etsa liketso tse soabisang tseo ho sa kang haeba le sebopuoa se kileng sa li etsa pele ho lona
  29. Na Ruri le na le likamano le banna, ha ele moo le eka bahahlaoli tseleng le hona ho etsa liketso tse fosahetseng likopanong tsa lona? Empa karabo ea batho ba habo e bile feela hore ba re: “Re tlisetse kahlolo ea Allah haeba u hlile u na le ‘nete!”
  30. A re: “Mong`a ka! Ak’u mphe tlholo khahlanong le batho ba etsang manyala!”
  31. Mohla baromuoa ba Rona ba neng ba tliselitse Abrahama litaba tse molemo, ba ne ba re: “Ruri! Re haufinyane le ho ripitla batho ba motse ona, hobane baahi ba ona ke baetsalibe.”
  32. Eaba Abrahama o re: Lota o teng moo.” Baromuoa ba re: “Re hlokolosi ka ho fetisisa ka ba teng moo. Re tla mo pholosa le ba lelapa la hae kaofela ntle le mosali oa hae, eo eena a tlang ho ba har’a ba saletseng morao.”
  33. Mohla baromuoa ba Rona ba neng ba fihla ho Lota, o n’a be a le maqakabetsing ke liketso tsa mehahabo, hobane o ne a hloleha ho ba s’ireletsa; empa baromuoa ba ile ba re: “Se ts’ohe le hona hoba mahlomoleng! Ruri! Re tla u pholosa le lelapa la hau kaofela, ntle feela le mosali oa hau, eo eena a tlang hoba har’a ba saletseng morao
  34. Ruri! Re haufi le ho lihela kotlo holim’a baahi ba motse ona e tsoang leholimong, hobane ke baetsalibe.”
  35. Ka kotlo eo, Re siile sesupo se hlakileng ho batho ba nang le kelello
  36. Re ne Re romelle Shuaib ho batho ba Mediane, e le ngoana’bo bona. O ne a re: “Oho batho ba heso! Sebeletsang Allah, le ts’abe pele ho Letsatsi la Bofelo, le se etse linyonts’a ka ho etsa manyala lefats’eng.”
  37. Empa ba mo latola, eaba ts’its’inyeho e ts’abehang ea lefats’e e ea ba metsa, esale hosasa ba fumanoa ba tjapaletse malapeng a bona
  38. Ba-Ad le Ba-Thamud! Koluoa ea bona e hlakile ho lona ka lesupi le lithako tsa malapa a bona. Ke satane ea entseng hore liketso tsa bona li shebahale li khahlisa mahlong a bona, o ile a ba sitisa ho kena tseleng, le hoja bane ba filoe Bohlale le Tsebo
  39. Joaloka Qarun, Faro le Hamana! Moshe o ile a ea ho bona ka lits’upiso tse hlakileng tsa matla a Allah, empa ba ile ba ikakasa lefats’eng. Ha ba ka ba una mojahong
  40. Re ile Ra nka e mong le e mong oa bona ho latela sebe sa hae; har’a bona ho ne ho le teng eo Re neng Re mo romelle sefako, e mong eena Re ne Re mo hloibile ka ho qhoma ho ts’abehang, ha emong eena a ne a metsoe ke lefats’e e mong eena o ne a khangoe ke metsi. Ha se Allah ea ba foselitseng, empa ba ile ba iphosetsa
  41. Papiso ea ba ikhethelang bats’ireletsi ba bang ntle ho Allah, e ts’oana le’a sekho nakong eo se ikhahelang ntlo, Ruri! Se bobebe ka ho fetisisa har’a matlo ke ntlo ea sekho, hoja e be ba ne ba tseba
  42. Ruri! Allah U tseba ka botlalo lintho tseo ba bitsang ho tsona ntle ho Eena. Etsoe U Matla Oohle, U Seli
  43. Lipapiso tsena, Re li pheta molemong oa batho: Empa ba li utloisisang ke ba nang le Tsebo
  44. Allah U hlotse maholimo le lefats’e ka tekanyo ea ‘nete. Ruri! Hona ke sesupo ho ba kholoang
  45. Pheta Lengolo le tlileng ho uena ka ts’usumetso, u phethe lithapelo tsa mehla eohle. Hobane thapelo eo thibela liketso tse soabisang le tse fosahetseng, hobane Khopolo ea Allah e bohlokoa haholo. Etsoe Allah U tseba tseo le li etsang
  46. U se phehe khang le batho ba Lengolo ntle le haeba e le ka mokhoa o molemo, le bao har’a bona ba etsang libe; feela u re: “Re kholoa ho seo re se senoletsoeng le seo lona le se senoletsoeng; `Mopi oa rona le `Mopi oa lona ke `Mopi a le mong, re inehetse ho Eena.”
  47. Eleng lona lebaka leo ka lona re u senoletse
  48. Ha’o es’o bale Lengolo pele ho lena, kapa hona ho le ngola ka letsoho la hau le letona, mohlomong balateli ba leshano ba tloha ba eba le khoao
  49. Empa ke Lits’enolo tse hlakileng lipelong tsa ba nehiloeng tsebo, ha ho ba ka latolang Lits’enolo tsa Rona haese feela baetsalibe
  50. Ba bile ba re: “Hobaneng ha litsenolo li sa romelloe ho eena ho tsoa ho Mong`a hae?” E re: “Lits’upiso li ho Allah feela, ‘na ke mpa ke le mohlokomelisi ea pepenene.”
  51. Na ha ho oa lekana ho bona haele moo Re ile Ra romella Lengolo ho uena leo u ba ballang lona? Ruri
  52. E re: “Allah U lekane e le paki lipakeng tsa ka le lona. E bile o tseba lintho tsohle tse teng maholimong le lefats’eng. Haele ba kholoang mashano, ba latola Allah, ke bona ba lahlehetsoeng.”
  53. Ba u kopa ho potlakisa Kahlolo ea Allah. Hoja e be ho ne ho sa ka ho’a tsepamisoa nako ea pallo, Ruri! Kahlolo e ka be e tlile ho bona. Ruri! E tla tla ho bona ka sekhahla nakong eo ba sa hlokomelang
  54. Ba u kopa ho potlakisa kahlolo, le hoja Ruri! Lihele li kopetse balatoli ba tumelo har’e
  55. Mohla letsatsi leo ka lona Kahlolo e tlang ho ba kupetsa holimo le ka tlase, Lentsoe le tla re: “Latsoang litholoana tsa liketso tsa lona!”
  56. Oho lona makhabunyane a Ka a kholoang! Ruri! Lefats’e la Ka le pharaletse. Kahoo, sebeletsang ‘Na feela
  57. Moea ka mong o tla latsoa lefu. Qetellong Poelo ea lona bohle e ho Rona
  58. Haele ba kholoang, ba bile ba etsa liketso tse lokileng – ba tla fuoa matlo Leholimong, – a mekato ao e leng malapa a serapa seo linoka li phallang tlas’a tsona. Kamoo teng ba tla phela kahosafeleng. O babatsehang moputso oa ba etsang botle
  59. Ba nang le mamello, ba behile ts’epo ea bona ho Mong`a bona le Mots’ireletsi
  60. Ana ke liphoofolo tse kae tse teng moo tse sa jarang nala ea tsona? Ke Allah Ea li fepang `moho le lona: Hobane U utloa tsohle, U Tseba Tsohle
  61. Haeba u ne u ka ba botsa hore na ke mang ea hlotseng maholimo le lefats’e le hona ho tsepamisa letsatsi le eona ngoeli mocheng oa ts’ebetso? Ruri ba ne ba tla re: “Ke Allah.” Joale, hobaneng ba furaletse ‘nete
  62. Allah U pharalatsa nala ho ope ea khahloang ke eena har’a makhabunyane A Hae, U e fokotsa ho ope ea khahloang ke Eena. Ruri! Allah U hlokolosi linthong tsohle
  63. Haeba u ka ba botsa hore na ke mang ea theolelang pula lefats’eng ho tsoa marung, eo ka eona A tsosolosang lefats’e le neng le se le shoele? Ruri! ba tla re: “Ke Allah.” E re: “Lithoriso li be ho Allah!” Empa bongata ba bona ha ba na kutloisiso
  64. Bophelo ba lefats’e lena ke eng, haese boithabiso le papali? Lehae la bophelo bo-tlang – ke bona bophelo, hoja ba tseba
  65. Nakong eo ba kenang likepeng ba bitsa ho Allah, moo ba hloekisang tumelo ea bona ho Eena feela, empa nakong eo A seng A ba finyelelitse lefats’eng, Bona! ba simolla ho maneha batlatsetsi ho Eena
  66. Ba nyatsa ka ho hloka teboho Limpho tsa Rona, le ho inehela menyakeng ea lefats’e!. Empa haufi ba tla tseba
  67. Ana ha ba e s’o bone hore Re phethahalitse sebaka se halalelang, batho bohle ba haufi le teng ba ripitliloe? Ana ba sa tl’a kholoa mashano, ebe ba latola motlopotlo oa Allah
  68. Ke mang ea etsang phoso e kholohali ho feta ea qapang leshano khahlanong le Allah, kapa ebe o latola ‘nete nakong eo e finyelellang ho eena? Ana lihele ha se lehae la ba latoli ba tumelo
  69. Bohle ba tsitlallelang tseleng ea Rona, Ruri! Re tla ba tataisetsa Litseleng tsa Rona, hobane Ruri! Allah U na le bohle ba lokileng