100.The Chargers

  1. Ka lipitsi tse mathang, tse hemeselang
  2. Tseo maotong a tsona ho qobang litlhase
  3. Tse tsometsang tlhaselo ka matjeke
  4. E be li tsosa leroele khabong
  5. Li parola lebotho la lira ka lehare e le ngatana ng’oe
  6. Ruri! Motho o hloka teboho ho Mong`a hae
  7. E bile ke paki holim’a seo
  8. O lehala leratong la leruo
  9. Na ha a tsebe hore mohla mabitla a hlatsang likateng
  10. Se ka lifubeng tsa batho se tla behoa pepeneneng
  11. Letsatsing leo Mong`a bona U tlabe A tseba tsohle tsa bona